LENANEO LA METHEO LA

MOKGA WA KGARE YA TOKOLOHO

 

TSE KA HARE

 

 

 

 

DITSHISINYO KA LENANEO LA METHEO LA IFP

 

MOKGA WA KGARE YA TOKOLOHO

 

HOBANENG IFP E LE TENG?

 

IFP e teng jwaleka mokga wa tsa dipolitiki bakeng la ho sebeletsa batho ba Afrika-Borwa, le ho etsa jwalo ka moya wa botho/ubuntu. Sepheo sa rona sa bohlokwa ke ho sebeletsa batho. Ke ka lebaka leo re le teng. Re kena dikgethong, mme re batla matla a mmuso bakeng la ho sebeletsa batho ka ho hlokomela ditlhoko tsa bona le ho etsa jwalo hantle ho feta mang kapa mang. Re bahlanka, e seng marena a batho.

 

Re amohela botho/ubuntu jwaleka motheo wa kamano ya batho bohle. Ha ho motho ya leng sehlekehleke. Hobane re seo re leng sona ka baka la ho amana le ba bang, re hlompha e mong le e mong mme re tshwara e mong le e mong ka kgauhelo le kutlwisiso, le ka mokgwa o amohelang bohlokwa ba serithi sa hae sa botho.

 

 

HOBANENG RE HLOKEHA?

 

Lentswe la bongata Afrika-Borwa le kotsing ka baka la boikakaso ba mokga o busang,   kaha o tadima dipolitiki tsa kganyetso jwaleka ho tsohela mmuso, mme mokga ona o na le kgopolo e sa kgeloheng ya ho kgomarela matleng a puso. IFP ke yona feela e se nang kgethollo ya botjhaba, e  nang le batho-batsho ba bangata, le e loketseng ho busa naha nako e telele e tlang. Re boemong bo mahareng ba tsa dipolitiki, ebile re hanyetsa tsela ya tsamaiso ya puso ya bososhiale bo beang matla a mmuso matsohong  a ba mmalwa, le tsamaiso e bohloko ya bo-‘liberale’ e reng ‘eng kapa eng e lokile.’ Ditsela tsena tsa puso tse fetisisang ha di sebeletse Afrika-Borwa hantle. Ke rona ba ka tlisang phapang ya nnete.

 

IFP e a hlokeha bakeng la ho sireletsa lentswe la rona la bongata le letjha kotsing ya kokamelo ka dikgoka le boikakaso ba puso ya mokga o le mong, esitana le ho etela Afrika-Borwa pele leqhubung la bobedi la tsoselletso ya lentswe la bongata, ho le tebisa, ho le totisa le ho le atametsa  ho batho. Sena ke sepheo sa rona.

 

IFP e matla bakeng la Afrika-Borwa e matla.

 

 

 

RE BO MANG? KE ENG DITUMELO TSA RONA?

 

Ditumelo ke mosupatsela wa boitshwaro. Di tlisa kutlwisiso ho seo  re se etsang. Di hlahisa hore re bo mang le hore re emetse eng. Kahoo he, ditumelo ke motheo wa melao le mananeo a mokgatlo ofe kapa ofe.

 

IFP e na le ditumelo tsa bohlokwa tse tharo. Tseo ke Kamano, Tokoloho le Kopano ka hara Diphapang: kaofela ha tsona di amane, mme e nngwe le e nngwe  ya tsona e amane le tse ding ditumelo tse e hlahlamang.

 

Kamano: Ha re sebeletsa batho, IFP e tla ema mmoho le ba anngweng ke bofoma, ho hloka mesebetsi, tlatlapo, bonokwane, sekgahla, kgethollo le mathata a mang bophelong. Afrika-Borwa e na le batho ba bangata, bao e tla reng ha ba tlohelletswe matsohong a boemo bo boima ba mmaraka, kapa matsohong a mmuso o sa thuseng batho, ba tla sotleha haholo ho feta seo bokamoso bo ka hlahang bo le sona. IFP e ke ke ya emela thoko ha batho ba habo rona ba sotleha, empa e tla ema mmoho le bona, jwaleka kutlwahatso ya kgauhelo le boena ha e tlisa thuso.

 

Tokoloho: Re batla Afrika-Borwa moo mang kapa mang a lokelang ho fumana bophelo bo nang le serithi le bokgabane boemong ba lentswe la bongata. Ka hara Mokga re dumela hore e mong le e mong o na le tokelo ya ho kena ditabeng tsa dipolitiki tsa mokga le ho kganna tswelopele ya hae ho tsona ha feela diketso tsa hae di theilwe hodima bokgabane. E mong le e mong mokgeng wa rona, o na le tokelo ya ho hlahisa maikutlo a hae le ho mamelwa, ho tshwarwa ka tlhompho, le ho kenela dikgetho tsa boemo bofe kapa bofe. Re amohela lentswe la bongata ka hara mokga, ho sebetsa ka mokgwa o bonaletsang le ka boikarabello. Boemong ba bosetjhaba re emetse mmuso o tsamaisang ka molaotheo, moo ditokelo tsa motho ka mong di sireleditsweng teng kgahlanong le mmuso o itshunyang, moo ba futsanehileng le ba kotsing ba tla thuswang, le moo tokoloho ya baahi e sa thijelweng.

 

Kopano  ka hara Diphapang:  Re dumela hore re fapane, mme re hanana le kgopolo ya hore re a tshwana kaofela. Efela re a lekana ka tlasa molao, empa Afrika-Borwa e na le ditso tse ngata, dihlopha, ditjhaba, ditumelo, metse le merabe. Ho tsona tsohle, ha ho e bohlokwa ho feta e nngwe, leha re dumela bo-Kreste le ditumelo tse ding tse theilweng hodima moya. IFP e amohela bohle phuthehong ya yona. Re amohela bohle, re dumela ditso tse fapaneng mme re kgothaletsa karolelano ya matla a mmuso mahareng a dihlopha tsa balatedi ba rona. IFP ke lehae la ma-Afrika-Borwa ohle a amohelang ditumelo tsa yona le metheo. E mong le e mong o amohelehile ho tshwarisana le rona bakeng la ho etsa Afrika-Borwa naha  e ntle.

 

Ditumelo tsena di hlahisa seo re leng sona, esitana le ho supa tsela bakeng la boitshwaro ba rona jwaleka mokga wa dipolitiki. Ka ho tshwana, di hlahisa seo re se labalabelang ka naha yohle.

 

 

 

 

 

PONO YA RONA

 

Ke setjhaba se jwang seo re se batlang bakeng la rona le meloko e tlang? Ka bukgutshwane, ke setjhaba se nang le toka, se atlehang le se nang le boitshwaro bo botle moo baahi ba amanang hodima motheo wa botho/ubuntu.

 

Setjhaba se nang le toka ke setjhaba se se nang leeme, se rarollotseng mathata a nako ya mmuso o fetileng ka katleho, mme ka bomadimabe esitana le a mmuso wa mehleng ena – jwaleka ho hloka ditshebeletso tsa bohlokwa, mesebetsi e hlokomelehang, thuto e hlwahlwa le tlhokomelo ya bophelo le tshireletso. Toka e na le metswella ya tokoloho le tekano ya bohle mahlong a molao, leha motho e le mang, mme a tswa kae kapa kae.

 

Setjhaba se atlehileng ke setjhaba se qetileng bofoma bo phatlalletseng, mme ke setjhaba moo batho ba habo rona ba ka tsitlellelang bophelo bo botle moo e mong le e mong a tla kgonang ho ntshetsa pele dikgono tsa hae jwaleka motho. Setjhaba se atlehileng se bula dibaka le menyetla bakeng la bohle, se tlisa ditshebeletso tse hlwahlwa mme se kenya letsoho kahong ya boemo bo tsitsitseng le kopano.

 

Setjhaba se nang le boitshwaro bo botle ke se laolwang ke  melao ya nako e sa feleng ya boitswaro bo botle, ho se tshwane le boemo Afrika-Borwa mehleng ena; e iponahatsang ka tshabo, mahahapa, bonokwane, meharo le bobodu. Re dumela ho setjhaba se theilweng hodima lelapa le matla le motse o matla. Ho na le phapang mahareng a baetapele le barui ba bangata ba se nang boitshwaro bo botle le botle ba bohlokwa ba ma-Afrika-Borwa a mangata – re dumela hore e mong le e mong o na le karolo bakeng la ho etsa Afrika-Borwa naha e ntle.

 

Setjhaba se theilweng hodima moya wa botho/ubuntu se tshwanela ho kgothaletsa toka le katleho le boitshwaro bo botle ho bohle. Re dumela hore setjhaba se jwalo se ka hlaha, mme ha se toro feela. Re dumela hore ditumelo tsa rona tsa kamano, tokoloho le kopano, le metheo le melao ya rona ha di nyalangwe le boetapele bo nang le sebete ho tsa dipolitiki di ka phethahatsa pono ena.

 

   

 

HO THEWA HA MESEBETSI KA HO MATLAFATSA  MORUO.

 

PHEPETSO.

 

Kantle le ho matlafatsa moruo ka potlako, phepetso ya ho thea dipalo tse anetseng tsa mesebetsi e sa feleng di ke ke tsa phethahala. Hona jwale, le ka tekanyo ya ho matlafala ha moruo ka 4,5% dipalo tsa batho ba hlokang mesebetsi di nyoloha selemo se seng le se seng – ka bomadimabe, le tekanyo ya ho matlafala ha moruo ya 6% e labalabelwang ke lenaneo la “Ho Matlafala ha Moruo le ho Arolelana” GEAR e ntse e phonyoha.

 

Re dumellana le ditsebi tsa moruo tse ngata hore bakeng la ho tlisa dipalo tse anetseng tsa mesebetsi e hlokehang, moruo o tshwanetse  ho matlafala ka 8% le 9% le ka hodimo; ha o bapiswa le meruo e meng e metjha e atlehang.

 

Ntlha ya bohlokwa ke hore moruo wa Afrika-Borwa o hloka ho matlafala ka 9% ka selemo. Nakong ya dilemo tse 5, ha re ne re phethahaditse ho matlafatswa ha moruo ka 9%, moruo wa rona o ne o tla matlafala ka tekanyo e kgolo ho feta seo o neng o tla ba sona ha o ne o matlafala ka 5%, bakeng la ma-Afrika-Borwa ohle a sebetsang le a hlokang mesebetsi.

 

Ntlha ya bohlokwa ke hore leha ho matlafala ha moruo ka bo ona ho ne ho ke ke ha rarolla mathata ohle a ho hloka mesebetsi, bofoma, kapa ho se lekane, ho ne ho ka neha ba etsang melao dihlomo tsa ho tobana ka katleho le mathata a fapaneng a  setjhaba le a moruo.

 

THAROLLO

 

IFP e dumela hore efela re ka matlafatsa moruo wa rona ka 9% ka selemo.

 

Se hlokehang ho phahamisa matlafatso ya moruo wa rona ke dikgato tse latelang:

 

Ø  Ho hodisa motheo wa dikgono tsa rona. Sena se ka etsuwa ka ho nka dikgato tse fapaneng, tsa bohlokwa haholo e leng metswella e metle ya thuto lenaneong le hlokolotsi la mehleng ena. Re tshwanela ho thaotha basebetsi ba nang le dikgono le boradikgwebo ho tswa mmarakeng wa lefatshe hobane kgaello ya dikgono ho rona e thibela ho matlafala ha moruo, le hobane mosebetsi e mong le e mong ya nang le dikgono eo re mo tlisang naheng ya rona o tla thea mesebetsi e sa feleng ka theko e tlase.

Ø  Ho fetola melao ya rona ya tsa mesebetsi ho thusa dikgwebo tse nyane ho thea mesebetsi e metjha.  Dinaheng tse ngata ke dikgwebo tse nyane le tse mahareng tse hlahisang palo e kgolo ya mesebetsi, empa ha ho jwalo Afrika-Borwa; yona e kgomaretseng kgopolong ya dikgwebo tse kgolo.

Ø  Ho dumella dikgwebo tse nyane monyetla wa ho fumana ditjhelete tsa ho kganna kgwebo. Ho fumana ditjhelete tsa ho kganna kgwebo ke ntho e boima haholo Afrika-Borwa ho ba qalang ho kena moruong, mme re tshwanela ho lokisa boemo bona bakeng la ho kgothaletsa bohwebi.

Ø  Ho matlafatsa mekgahlelo ya moruo (mebila, ho aba motlakase, diemakepe).  Taba ena e hlokolotsi. Re a haella ka ditsha tsa motlakase; diemakepe tsa rona di hlabisa dihlong mme mekghlelo ya diporo e a hloleha.

Ø  Ho lokolla karolo ya moruo ya kamano. Mekgahlelo ya kamano e phethahatsang ya sejwalejwale e bohlokwa bakeng la moruo wa sejwalejwale.  Lenaneo la jwale la ho lokolla kamano le hlolehile Afrika-Borwa mme theko ya kamano e phahame haholo ho feta seo e tshwanelang ho ba sona ha re ikemiseditse ho hodisa moruo kapele.

 

IFP ha e kgothaletse tsela ya tsamaiso ya moruo e ipatlelang phaello ka meharo, e dumellang hore ho etsahale eng kapa eng, jwang kapa jwang  naheng e nang le mmuso o kgothaletsang diphetoho tse nyane. Efela re naha e boemong ba ho intshetsa pele, empa sena ha se bolele mmuso o itshunyang haholo ka diketso tse thibelang ho matlafala ha moruo ho se na lebaka. Leha re tshwanela ho amohela bohlokwa ba karolo ya mmuso, re dumela hore re tshwanela ho totobatsa karolo ya dikgwebo ho matlafatsa moruo le ho thea mesebetsi. Re tshwanela ho ikgodisa hore leha re etsa eng kapa eng ho kgothaletsa ho matlafala ha moruo le ho thea mesebetsi, re tshwanela ho sireletsa baahi ba kotsing le ho loha letlowa la tshireletso bakeng la ba futsanehileng.

 

 

HO LWANTSHA BOFOMA

 

PHEPETSO

 

Karolo e kgolo ya setjhaba sa habo rona e phela ka hara bofoma. Ntho ena e theola serithi kaha ba futsanehileng ba hloka diphahlo ebile e kgohla serithi sa bona sa botho.

 

Efela IFP e dumela hore qoso e kgolo ho lentswe la bongata Afrika-Borwa ke hore bofoma bo jele setsi, mme bo bongata mehleng ya kajeno ho feta neng kapa neng nakong e fetileng. Leha e le ditekanyo tsa ho mtlafala ha moruo kapa dikgato tse fapaneng tseo mmuso o ileng wa di nka ha di a lekana ho pholosa ba futsanehileng.

 

Leha IFP e amohela ho hlahiswa ha ditshitso tsa mmuso tse fapaneng ho ya ho ba futsanehileng, sena se tshwanela ho nyalangwa le dithuso tsa nako e telele, tse sa feleng tse kgothatsang ho itshepa le ho iketsetsa. Mokgwa wa mehleng ena wa ho kgothatsa batho ho tshepela mmusong o se o fokoditse moya wa tlhaho wa ba futsanehileng wa ho leka ho ntlafatsa maemo a bona. Mehleng ena ba  futsanehileng ba sotleha ka tlasa kgeso le ho fellwa ke tshepo.

 

THAROLLO

 

Kaha ba hloka dikgono tsa moruo tse nepahetseng ebile ba tlamehile maemong a moruo o fokolang wa dibaka tse mahaeng, ba futsanehileng ba hloka dikgato tse hlwahlwa tsa ho lwantsha bofoma bakeng la ho ntlafatsa maemo a bona a bophelo. IFP e dumela hore dikgato tsa nako e kgutshwane le tsa nako e telele di a hlokeha.

 

Nakong e kgutshwane, ba futsanehileng ba hloka dikgato tse tla ntlafatsang maemo a bophelo, ho akaretsang le:

 

Ø  Mekgahlelo e ntlafaditsweng – mebila e metle, metsi, motlakase le dintlwana tse nepahetseng.

Ø  Lenaneo le ntlafaditsweng la ditshitso tsa mmuso – ditshitso tse ntlafaditsweng bakeng la metsofe, malapa a hlokometsweng ke bana, bahlokomedi ba dikgutsana tsa phamokate, le bana. Mmuso wa IFP o tla tlisa Tshitso ya Tefo ya Bophelo (Basic Income Grant).

Ø  Tlhokomelo ya bophelo e ntlafaditsweng – tlhokomelo ka mokgwa wa ho thibela le ho phekola ka theko e tlase boemong ba selehae.

 

Nakong e telele, ba futsanehileng ba hloka ho matlafatswa ka dikgono tsa ho ikahela mokgwa o motle wa bophelo. IFP e dumela hore:

 

Ø  Thuto e bohlokwa ho lokolla batho ho bofoma. Thuto bakeng la ba futsanehileng e tshwanela ho ntlafatswa haholo.  Hona jwale thuto ya ba futsanehileng e sa ntse e le boemong bo hlokolotsi, mme e siya ba futsanehileng ba dule ba futsanehile.

Ø  Temo mahaeng e tshwanela ho tsoselletswa.  Temo e ntle e bohlokwa bakeng la tshireletso ya dijo le maphelo a hlokometsweng. Mmuso o tshwanela ho thusa ka thupello, peo, diterekere le tse ding.

Ø  Ho na le bohlokwa ba ho totisa le ho kgothaletsa  moya wa ho itshepa le ho iketsetsa  ka thuso ya mmuso bakeng la ho tlisa bophelo bo botle le ho qeta kgopolo ya baahi ya ho tshepela mmusong feela.

Ø  Bommasepala le diprofinsi di na le karolo e kgolo tabeng ya ho lwantsha bofoma. Matla a bona le matlotlo bakeng la ho lwantsha bofoma a tshwanela ho atiswa. Mmuso o tshwanela ho sebetsa le Mekgatlo ya baahi jwaleka mphato.

 

 

 Leha diteko tsa Mmuso di bile ntle, nakong ya mekgahlelo(terms of office) e meraro o hlolehile ho lwantsha bofoma. Efela bofoma le ho se lekane di tswela pele ka ditekanyo tse kgolo haholo. Ka bomadimabe ha ho na matshwao a bontshang phetoho ya boemo mme ha ho na leano le felletseng la ho fetola boemo.

 

Leha ho le jwalo, IFP e na le kgauhelo le pono ya ho etsa ho nepahetseng le ho hlokehang bakeng la ho lokisa boemo ba ba futsanehileng.

 

 

MOLAO LE TAOLO

 

PHEPETSO

 

Boikarabello ba bohlokwa ba mmuso ofe kapa ofe ke ho ikgodisa ka tshireletso ya baahi ba naha.  Kantle ho yona, kaofela ha dipheo tsa metheo e meng ha di bohlokwa. Motho a ka tsekisana haholo ka hore ho thea naha e hlomphang molao ke ntlha ya motheo e bohlokwa haholo ho feta tse ding.

 

Diphepetso tse tobaneng le lenaneo la mmuso le hlolehileng la ho lwantsha bonokwane di ngata. Mehlala ke ena: dikgotla di nka nako e telele ho phethahatsa dinyewe; re hloka mapolesa; re hloka matlotlo; taolo ya mesebetsi ya mapolesa e beilwe tulong e le nngwe, ho akaretsa le maano a thibelo ya bonokwane; meedi ya rona  e a dutla, ebile e dumella dinokwane ho kena le ho tswa naheng ka bolokolohi; ha ho na thupello e nepahetseng; ha ho na tlhompho ya taolo; ba tsa dipolitiki ba a itshunya lenaneong; (mohlala, ke ho kwalwa ha diphepeng (DSO/Scorpions);diteronko tsa rona di petetsane ka batshwaruwa; mapolesa a fokodiswa ka ho  hanelwa ho sebedisa matla a lekaneng a ho tshwara dinokwane; bobodu bo jele setsi.

 

Ka kakaretso, dikgotla di jere haholo, mme mmuso o hloleha ho sebetsa  ka katleho dinyewe tse ngata tse boima; tshebetso ya mapolesa ha e utlwahale; diteronko di tsejwa ka bonokwane le bobodu.

 

Kaha  70% ya dinyewe kaofela ha di qoswe ho fihlela phethong, dinokwane tse ngata di pholoha kotlong, mme di lokolohe ho tswela pele le bophelo ba bonokwane. Ka hodima mona, bonokwane Afrika-Borwa bo itlhahisa ka mahahapa a maholo, a tlisang tshabo e kgolo mahareng a batho ba habo rona, mme ba ipotsa letsatsi ka leng hore ka mohlomong ke la ho qetela bophelong ba bona.

 

THAROLLO

 

Dingata dintho tse hlokehang ho fetola boemo bona. Leha ho bile le katleho dibakeng tse ding, ha ho a lekana, mme tharollo e tshwanela ho tliswa ka potlako.

 

Baahlodi:

 

Ø  Dinako tse laolwang  le tse qobellwang ke molao di tshwanela ho bewa bakeng la ho ntlafatsa mosebetsi wa dikahlolo le dikotlo.

Ø  Ho atametsa dikgotla ho batho ho tshwanela ho ntlafatswa. Re tshwanela ho ikgodisa hore theko ya boramolao e a kgoneha, ka ho ntlafatsa lenaneo la thuso ho tsa molao.

Ø  Bobodu bo tshwanetse ho qetwa.

Ø  Maemo a mosebetsing a baahlodi a tshwanela ho ntlafatswa.

Ø  Ho thongwa ha baahlodi ha ho a tshwanela ho etsuwa ke boRadipolitiki.

 

Sepolesa:

 

Ø  Re tshwanela ho ntlafatsa thupello, re totobatsa dikgono tsa dipatlisiso le mahlale a diphuputso ka ditopo(forensics).

Ø  Matla a sepolesa a tshwanela ho abuwa, esitana le ho fihlela mokatong wa selehae.

Ø  Metse e tshwanela ho kenya letsoho mererong ya ho thibela  bonokwane le ho kgothaletsa setso sa tlhompho ya taolo, mme mapolesa a tshwanela ho ba le boikarabello metseng.

Ø  Mmuso o tshwanela ho hlahisa matlotlo bakeng la sepolesa se utlwahalang, se hlwahlwa le se rupelletsweng hantle.

Ø  Ho thongwa ha mapolesa ha ho a tshwanela ho etsuwa ke boRadipolitiki.

Ø  Maemo a mosebetsing a tshwanela ho ntlafatswa haholo.

Ø  Naha e tshwanela ho hlahisa mabotho a lwantshang bonokwane a rupelletsweng haholo, a putswang hantle le a mafolofolo ho etsa Afrika-Borwa e sireletsehe.

Ø  Ditokelo tsa mahlatsipa di tshwanela ho totobatswa.

 

Diteronko le ditsha tsa tshokoloho:

 

Ø  Lenaneo la ho alosetswa ha batshwaruwa ba le kantle ho teronko (parole system) le tshwanela ho fetolwa bakeng la ho thibela dikweta le ba amaneng le boRadipolitiki ho tswa teronkong.

Ø  Mosebetsi o thata wa batshwaruwa o tshwanela ho kgutliswa bakeng la dikarolo tse itseng tsa bonokwane mme taolo ya maemo ao dikweta di phethahatsang dikotlo tsa  tsona e tshwanela ho tiya.

Ø  Maemo a mosebetsing a tshwanela ho ntlafatswa.

Ø  Teko e kgolo e tshwanela ho etsuwa ho thusa tshokoloho ya batshwaruwa ba banyane (juveniles).

Ø  Dikotlo tse fapaneng, leha e se ho kena teronkong, di tshwanela ho tliswa bakeng la ba tlotseng molao  hanyane.

Ø  Diteronko le ditsha tsa tshokoloho tse ngata di tshwanela ho ahuwa.

Ø  Bobodu bo tshwanela ho qetwa mme ho thongwa ha ho a tshwanela ho etsuwa ke boRadipolitiki.

 

Ha esale 1994, lenaneo la ho lwantsha bonokwane le hlolehile, mme ho ma-Afrika-Borwa a mangata, boemo bo itlhlophisitseng ba bonokwane setjhabeng sa rona bo bobe haholo ho feta pele. Seo ba bangata ba se nkang jwaleka mokgwa o bonolo wa ho qeka o hlolehile. Ke nako jwale ya ho sebedisa mokgwa o motjha, o matla, o sebeletsang mokatong wa selehae.

 

THUTO

 

PHEPETSO

 

Thuto Afrika-Borwa e boemong bo hlokolotsi. Mehlala ke ena:

 

Mmuso o hlolehile haholo ho tlisa thuto e lokisang baithuti bakeng la mmaraka wa mesebetsi.   Naha e hloka lebotho la barutisi ba rupelletsweng hantle, ba putswang hantle le ba mafolofolo. Ka tlasa lenaneo la mehleng ena, ho na le tlhokeho e kgolo, le matlotlo a abuwa  ka mokgwa o sa lekaneng. Tsamaiso ya lenaneo lohle la thuto e holofetse mekgahlelong. Lenaneo la mehleng ena le hloleha ho tobana le tlhokeho ya kgaello ya barutisi dithutong tsa dipalo(maths), mahlale, le tegniki. Ditsha tsa rona tsa thuto di fetohile mahaha a dithetefatsi, mahahapa, ho emara ha barwetsana, boitshwaro bo bobe le ho hloka tlhompho. Ka tlasa lenaneo la mehleng ena, makgotla a taolo dikolong ha a na karolo e utlwahalang. Lenaneo le boemong bo hlokolotsi, e le motswella wa ho latola ha mmuso kgahlanong le sewa sa Phamokate.

 

Ha tsohle di tadingwa, thuto e boemong bo hlomolang.

 

THAROLLO

 

Ditaba tse tshwanelang ho lokiswa di akaretsa tse latelang:

 

Ø  Afrika-Borwa e hloka lenaneo la thuto le nang le dikarolo tse fapaneng tse tobanang le dikgono tsa mosebetsi wa matsoho, tegniki le ditlhokeho tsa thuto tsa naha.

Ø   Naha e tshwanela ho thea lebotho la barutisi le rupelletsweng haholo, le putswang hantle le le mafolofolo bakeng la ho tlisa thuto e hlwahlwa.

Ø   Re hloka ditsha tse ngata tsa thupello ya barutisi le ho tliswa ha ditjhelete tsa thuso bakeng la ho lefela thuto dithutong tse kgethilweng jwaleka dipalo(maths) le mahlale.

Ø  Re tshwanela ho ikgodisa hore ditsha tsohle tsa thuto di na le matlotlo a lekaneng le a nepahetseng.

Ø  Matla le tokoloho ya ketso ya metheo e tshwanela ho fetisetswa diprofinsing bakeng la ho iketsetsa metheo ya thuto e tshwanetseng ditlhokeho tsa tsona tse fapaneng.

Ø  Boitshwaro bo botle ba baithuti le barutisi bo tshwanela ho kgutlisetswa dikolong. Tlhompho ya taolo le tlhompho ya thuto di tshwanela ho kgutliswa. Re tshwanela ho tadima hape le ho fetola melao e dumellang le e kgothatsang boitshwaro bo bobe.

Ø  Re tshwanela ho bitsa hape bahlanka ba rupelletsweng hantle le ba nang le boiphihlelo, ba ileng ba phumula, re ba hohele ka ho ba neha tse ntle.

Ø  Re tshwanela ho theosa mokgwa wa ho sebedisa dikgwebo ho aba le ho phatlalatsa dibuka le thepa ya ho sebetsa. Bahlanka ba mmuso ba tshwanela ho matlafatswa ka ho rupellwa mosebetsing wa lenaneo la ho fumana le ho aba matlotlo.

Ø  Re tshwanela ho kgutlisa setso sa boikarabello lenaneong lohle, mokatong wa barutisi le wa batsamaisi.

Ø  Thuto e tshwanela ho ba mahala ho fihlela, le ho akaretsa sehlopha sa 12. Re tshwanela ho qeta dikgato tse haellang tse iponahatsang mmusong wa mehleng ena.

Ø  Re tshwanela ho etsa thuto e phahameng e be ya theko e kgonehang.

Ø  Re tshwanela ho etsa thuto ya rona e be mokatong o hodimo mmarakeng wa lefatshe.

 

Leha mmuso o nkile lenaneo la thuto le kgethollang la nako e fetileng, empa o hlolehile ho neha ma-Afrika-Borwa ohle thuto e hlwahlwa, mme ho na le sekgeo se seholo mahareng a thuto e nehwang ba futsanehileng le bohle ba bang.  IFP e dumela hore di ngata tse tshwanelang ho etsuwa bakeng la ho lokisa leeme le tswang mmusong o fetileng, le ho ikgodisa hore lenaneo la thuto le neha bohle monyetla wa ho phethahatsa boiphihlelo ba bona.

  

 

MOTHEO WA TSA BOPHELO

 

PHEPETSO

 

Ha e le hore ho na le mokgwa wa ho hlalosa hore a na baahi ba fumana ditshebeletso tsa bophelo tse theko e kgonehang le tse hlwahlwa; ka bomadimabe karabo ke “Tjhe.” Lenaneo la bophelo le tobane le diphepetso tse ngata, empa leha Afrika-Borwa e lefa haholo bakeng la bophelo jwaleka naha tse ding, metswella ya rona e a nyahamisa: ho etsa mohlala; tebello ya dilemo tsa ho phela ha ma-Afrika-Borwa a hlahlamang nako ya kgethollo e a theoha selemo se seng le se seng ha e tshwanela ho nyoloha.

 

Mohlala o tshosang haholo wa ho hloleha ha lenaneo la bophelo ke wa boetapele bo fokolang haholo ba mmuso  malebana le sewa sa PHAMOKATE, moo tekanyo ya tshwaetso e nyolohileng ho tloha ho 3% ho ya mahareng a 11% le 17% ho tloha ka 1994.  Boetapele ba Lefapha la Bophelo le hanyetsang dirutehi, boramahlale, le dumellang baiketsisi ditabeng tsa bophelo le fetotse Afrika-Borwa moswaso lefatsheng lohle, mme la ahlolela batho ba bangata ba habo rona lefung le hlomolang  le sa hlokeheng. Lefapha le kgotsofatsang boitatolo ba marabele le ile la hohela naha ho senya sebaka sa ho thibela sewa ka potlako nakong eo tekanyo ya tshwaetso e neng e sa le tlase ebile e laoleha. Mmuso o tshwanela ho kopa tshwarelo naheng ka lebuba koduwa le etsahalang mehleng ena.

 

Diphepetso tse ding tse tobaneng le lenaneo la rona la bophelo di akaretsa: boemo bo bobe ba dikiliniki tsa rona le ditsha tsa bophelo tsa metse ka kgaello ya tsona ya thepa le meriana; boemo bo hlokolotsi ba kgaello ya bahlanka ba rupelletsweng dipetleleng tsa mmuso, haholoholo dipetleleng tse mahaeng; ho se tshwarwe hantle ha bahlanka ba rupelletsweng dibakeng tsa mahaeng, ho etsang hore ba phumule, esitana le ho hloleha; le kgopolo ya hore “ha ke sa e bone, ha e yo” malebana le ho hlahisa tsebo ka mafu, le tse ding.

 

THAROLLO

 

PHAMOKATE:

 

Ø  IFP e tla nka tsela e fapaneng haholo ho ya motheo o bolayang batho ba bangata ka PHAMOKATE, mme e etse boipiletso ba hore PHAMOKATE ke boemo bo hlokolotsi setjhabeng sohle.

Ø   IFP e kgothaletsa thibelo ya tshwaetso ka Kokwanahloko ya Phamokate, ho itima, ho dieha ho kena thobalanong, ho theolwa ha dipalo tsa ba robalanang ba sa nyala, ho tshepahala mahareng a ba nyetseng le ho sebediswa ha dikhondomo ho ba robalanang.

Ø  Malebana le phekolo, IFP e tla hlophisa taba ya ho ntlafatswa ha lenaneo la bophelo le ho hlahisa meriana ho fihlela dipalong tsa pele tse ekeditsweng ka batho ba 278 000 ba fumanang meriana selemo ka selemo.

Ø  IFP e tla tshehetsa ho ntshuwa ha meriana ka ho hlahisa melaetsa e tsamaisanang ka thuso e tswang ho meriana, ho ja dijo tse matla le diphekolo tse ding.

Ø  IFP e tla kgothatsa ho Ithaopa bakeng la Dikeletso le Diteko hore ho etsuwe jwaleka diteko tse ding tsa bohlokwa tsa madi bakeng la ho tlosa serithi se sebe sa Kokwanahloko ya Phamokate.

Ø  Lefapha la tsa Bophelo la IFP le tla sebedisa matla a lona ka tlasa Molao wa Bonga ba Thepa eo motho a iketseditseng yona (Patents Act) ho nehana ka ditumello (licences) tse qobellang bakeng la ditlhahiso tsa meriana e tshwanang ka hara naha kapa tse tliswang ho tswa mose.

 

Tse ding:

 

Ø  IFP e tla sebedisa tsebo ya ba rupelletsweng  Dithutong tsa Tsamaiso ya ho Sebetsa le Batho, dirutehi le bafuputsi, bakeng la ho loha Leano la Bophelo la Tsamaiso ya ho Sebetsa le Batho bakeng la ho thaotha le ho boloka bahlanka ba mmuso ba rupelletsweng ka dithuto tsa bophelo.

Ø  Leano lena le tla fetola boemo ba mehleng ena moo dipetlele di sebetsang ka tekanyo ya mooki a le mong ya hlokomelang bakudi ba shorobedi ho ya ho mooki a le mong ya hlokomelang bakudi ba bane diphaposing tse akaretsang bohle. Jwaleka leano la ho thaotha, IFP e tshehetsa ho nyollwa ha meputso ya bahlanka ba mmuso.

Ø  IFP e tla aba matla a mmuso le dikarolo tsa mesebetsi ya tsa bophelo ho ya diprofinsing, diterekeng le mmusong wa selehae. Re tla tshehetsa le diteko tsa bona ho fumana ditjhelete tsa mose jwaleka Letloleng la Lefatshe (Global Fund) bakeng la ho lwantsha sewa sa PHAMOKATE, LEFUBA le malaria.

Ø  Leha IFP e tshehetsa hore bahlanka ba tsa bophelo ba be ditho tsa mekgatlo ya dirutehi  tsa bophelo, re hanyetsa hore ba be ditho tsa mekgatlo ya basebetsi hobane ditshebeletso tsa bophelo ke tsa bohlokwa. Re dumela hape hore ho thongwa ha bahlanka ho ya makgotleng a fapaneng a tsa bophelo ho tshwanela ho tloswa matsohong a boRadipolitiki mme matla a Letona tabeng ena a thijelwe.

Ø   IFP e inehetse ho kena ditherong ka nako tsohle  le bahlanka ba leng dirutehi ho tsa bophelo hobane mosebetsi wa bona o ba neha tsebo  le bohlale ka mathata ao bakudi ba nang le ona.

Ø   IFP e tla kgothaletsa ditokelo tsa moruo tsa batho ba phelang le PHAMOKATE, ho tadima le ho ntlafatsa  tse hlokehang ho se holofatsang motho jwaleka tekanyo ya tshwaetso ka kokwanahloko (CD4 count) ha motho a kopa tshitso ya mmuso, le ka mohlomong ho hlahisa  tshitso ya mmuso bakeng la batho ba kulang haholo.

 

Ho bile le katleho lenaneong la tsa bophelo ho tloha ka 1994, empa sena se sirwa ke ho hloleha ho hobe ha mmuso ha o sebetsa PHAMOKATE. Ho shwa ha batho ba bangata ho tla dula ho silafatsa mmuso ka ho sa feleng mme ho senye serithi sa ona.

 

 

PHEPETSO YA LENTSWE LA BONGATA

 

PHEPETSO

 

Ha esale 1994 tswelopele ho tsa dipolitiki e bile le ho iphehisa kaha e na le katleho, ho ema, le ho kgutlela morao. Re rorisa katleho, re ngongoreha ka ho ema mme re hanyetsa ho kgutlela morao. Ka bomadimabe, ha esale re fumana tokoloho ka 1994, mekgwa e meng e bontsha hore lentswe la bongata Afrika-Borwa le kotsing:

 

Ø  Nnete e hlahang e bontsha hore Afrika-Borwa e na le lentswe la bongata ka lebitso feela: mme ke mmuso ka mokga o le mong.

Ø  Kotsi tokolohong ya kgaso ya ditaba, ho akaretsang le ho hlokofatswa ha bangodi ba ditaba, ho lekolwa le ho fetolwa ha ditaba pele di phatlalatswa le ho epollwa ha maikutlo a ho tsohelwa ha mmuso le kgethollo ya mmala, mmoho le mokgatlo o hasang ditaba o tsamaiswa jwaleka mokgatlo wa mmuso o hasang ditaba.

Ø  Ho ikgapela le ho  bea matla ohle a puso ya bosetjhaba ofising ya mookamedi, le ho fokotsa matla a puso diprofinsing le ho bommasepala.

Ø  Kokamelo ka dikgoka le boikakaso ba mokga o busang bo holang dikarolong tsohle tsa dipolitiki, moruong le setjhabeng.

Ø  Ho kopangwa ha mokga le mmuso ke mokga o busang, eka dithahasello tsa tsona di a tshwana.

Ø  Ho silafatswa ha mekga ya kganyetso eka ha e rate naha, mme eka e na le ditakatso tse hanyetsang molao.

Ø  Ho sebediswa hampe ha matla a puso bakeng la ho totisa kokamelo ya mokga o busang dikarolong tsohle tsa bophelo Afrika-Borwa. Hona ho akaretsa le bathongwa ba bona ba okamelang mekgatlo  e theilweng kaha Kgaolo 9 ya Molaotheo.

Ø  Kgopolo ya mokga o busang o iponang jwaleka  mokgatlo wa tokoloho, mme o sa ntse o tla ipona mme o sebetse jwaleka mokga wa dipolitiki, mmoho le ho ipea jwaleka yona feela moemedi ya molaong wa batho.

Ø   Ho sebediswa hampe ha molao wa ho tshela meedi ya mekga ya dipolitiki, ho fokoditseng mekga ya kganyetso le ho sentseng tshepo ya bavouti lenaneong la dikgetho.

Ø  Ho sengwa ha moya wa lentswe la bongata ke mokga o busang, pusong ya ona.

Ø  Bobodu bo atang, ka hare le kantle ho mmuso, haholo-holo ka mokga o busang.

Ø  Kokamelo ka dikgoka le boikakaso ba lequlwana le busang moo le bileng le lekang ho ipea ka hodima molao.

Ø  Ho sebediswa hampe ha matla a puso, ho akaretsa le ho itshunya ditabeng tsa baahlodi le balaodi ba dikgotla.

Ø  Ditlholeho tse ngata tsa ho tliswa ha metheo le ho ngongoreha ho eketsehang.

Ø  Bongata ba dintho tse boletsweng  ka hodimo di etsuwa lebitsong la “tsohelo ya mmuso ya bosetjhaba ya lentswe la bongata” metswella ya yona e dumellwang ke mekgwa ya yona e mengata e mebe.

 

THAROLLO

 

Matlahadi a puso a mokga o busang a tshwanela ho lebellwa ka leihlo le ntjhotjho. IFP e na le tharollo. IFP ke yona tharollo.  Nakong e mahareng ho ya ho e telele e tlang, IFP, jwaleka  mokga wa bobedi o moholo ho feta yohle o nang le batho-batsho ba bangata, o na le sebaka sa ho hola, esitana le ho tobana le mokga o busang, mme ho bohlokwa hore IFP e ipehe boemong mme e tshehetswe ke bavouti bakeng la ho etsa mosebetsi ona.

 

Re batla ho fumana tse latelang:

 

Ø  Ho hodisa IFP.  Batho ba tshwanela ho bona le ho dumela hore mokga o busang o ke ke wa hola  ka ho sa feleng.

Ø  Ho ba mokga o loketseng ho tshwara marapo a mmuso ka mokgwa o motle ho feta mokga o busang.

Ø  Ho ba mmuso o fapaneng. Lentswe la bongata le tla sebeletswa hantle ha ho na le dibaka tse utlwahalang tsa ho ntsha mokga o busang.

Ø  Ka nako e le nngwe, IFP e tla ba mohlokomedi le molebedi wa lentswe la bongata ka ho:

- Hlahisa diketso tsa ho sebedisa matla a puso hampe;

- Hlanola boshodu le bobodu; le ho

-  Sireletsa batho kgahlanong le ho itshunya ha mmuso

 

Ø  IFP e tla tswela pele le ho hanyetsa ho bewa ha matla a puso matsohong a ba mmalwa. Re tla etsa tsohle tseo re ka di kgonang ho pholosa diprofinsi ditekong tsa ho fokotswa ha matla a tsona a puso.

Ø  IFP ha e le mmusong, e tshwanela ho ba setshwantsho sa puso e ntle, mme e etse mohlala ka ho tlisa ditshebeletso tsa mmuso.

Ø  Re a inehela hore re tla fetola Molaotheo bakeng la ho neha baahi tokoloho e felletseng, ho akaretsang le tokoloho ya kgaso ya ditaba.

Ø  Re tla atametsa mmuso ho batho, mme re ba nehe tokelo ya ho ba le lentswe le ho kenya letsoho mererong ya mokgwa oo ba buswang ka ona.

Ø  Re tla fetola lenaneo la tsa dikgetho bakeng la ho ntlafatsa boikarabello ba baemedi ba tsa dipolitiki ho batho ba ba kgethileng.

 

Dikotsi lentsweng la bongata tsa mokga o busang o nang le boikakaso, moferefere le ho hloka mamello di hlakile. Leha Afrika-Borwa e hloka mekga ya kganyetso, kgopolo ya hore o mong wa mekga ena ke ona feela o nang le karolo e fetang ya e meng, ke phoso. IFP e na le bokamoso bo kganyang, mme e tla nka karolo ya yona ya pale e lokolohile ebile e le matla ho etsa Afrika-Borwa naha e ntle ho baahi ba yona bohle.

 

 

HO LOKISA DIPHOSO TSA NAKO E FETILENG

 

PHEPETSO

 

Nako e fetileng ya  kgethollo Afrika-Borwa e tswela pele le ho phela mehleng ya kajeno, e seng ho tsa dipolitiki, empa malebana le diketso tse ngata tsa kgale tse se nang toka tse amang batho ba neng ba hatelletswe pele, mme ka bomadimabe di ama le bana ba bona le ditloholo tsa bona tse ngata tse tswetsweng kamora 1994. Maemong a tsa kahisano, bophelo, thuto, ho latswa ditholwana tsa menyetla e lekanang ya tsa moruo le tse ding, ho tloswa ha dithibelo tse ngata ho hloka metheo e tshwanetseng le ho sebediswa ha matlotlo a maholo, mme tsena di tla nka moloko kapa meloko ho tobana le tsona ka tsela e kgotsofatsang.

 

Ka bomadimabe, leha mokga o busang o ile wa qala lenaneo la ho lokisa, ha o a ka wa nka dikgato tse kgotsofatsang hohang, mme dibakeng tse ngata o nka  nako e telele ho phethahatsa.   Motswella wa seo ke hore ho na le ma-Afrika-Borwa a mangata haholo a phelang ka hara bofoma ho feta ba neng ba futsanehile ka 1994, mme tekanyo ya boemo ba Afrika-Borwa malebana le Lenaneo la Ditekanyo tsa Tswelopele la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng e a theoha selemo se seng le se seng. Mmusong o hlahlamang mmuso wa kgethollo, ha ho a lekana. Ditabeng tsa kahisano le moruo, metswella ya kgethollo e tshwanela ho lwantshwa ka tsela ya  lenaneo le hlwahlwa le akaretsang tsohle.

 

THAROLLO

 

IFP e dumela hore ditharollo di letse ho tse latelang:

 

Ø  Ho etsa boipiletso ba ntwa kgahlanong le bofoma le ho se lekane. Leha mmuso o inehetse ho theola bofoma ka halofo ka 2014, Afrika-Borwa e sa ntse e na le ho se lekane haholo ho feta setjhaba sefe kapa sefe lefatsheng, moo borui bo boholo le bofoma bo boholo di leng teng mahlakoreng a mabedi naheng e le nngwe. Borui bo boholo ha se phoso, empa ha bo le teng, ka lehlakoreng le leng e le bofoma bo boholo, ke tlhapa.

Ø  Ho hlahisa dinako tsa phethahatso tse kgutshwane, tse hlakileng mme di nyalangwe le maikemisetso a ho lokisa a hlakileng. Kgopolo ya hore re ka  rarolla mathata ana a tswang nakong e fetileng ya kgethollo ka diphetoho tse nyane dilemong tse ngata ha ho utlwahale ho batho ba futsanehileng kapa ba ntseng ba lebelletse ho fihla ha ditshebeletso tseo ba bang ba seng ba di fumana hona mehleng ena.

Ø  Ho matlafala ha moruo ka lebelo le leholo ho a hlokeha hobane ho tla tlisa matlotlo ao mmuso o ka a sebedisang, ha moruo o matlafalang o tla tlisa menyetla ya ho intshetsa pele. Ho matlafala ha moruo hanyane ho dumella mmuso ho sebedisa matlotlo a manyane( e leng se etsahalang mehleng ena), empa ho matlafala ha moruo haholo ho dumella mmuso ho sebedisa matlotlo a mangata.

Ø  Ho phethahatsa ditokelo tsa mokato wa bobedi tse ngotsweng ho Molaotheo wa rona. Di teng tse phethahaditsweng ha esale 1994, empa di ngata tse sa ntseng di tshwanela ho phethahatswa. Molaotheo o dumella batho ditokelo tsa ho fumana ditshebeletso tse fapaneng tsa mmuso le hore ditokelo tsena di phethahatswe nakong e itseng. Empa dikarolong tsa ho fumana tlhokomelo e hlwahlwa ya tsa bophelo, thuto, ditshebeletso tsa mmasepala le tse ding tse jwalo, mmuso o tshwanela ho sebedisa matlotlo a mangata.

Ø  Ho ikgodisa hore ke mmuso o kgannang lenaneo la ho lokisa diphoso tsa nako e fetileng ka ho etsa tse latelang:

 

-      Ho sitsa ka matlotlo ho batho ba futsanehileng. Ditshitso tse tobileng, ho ba adima ditjhelete tseo ba kgonang ho di kgutlisa, ditshebeletso tse ntlafaditsweng, ho tlisa menyetla e ntlafaditsweng [jwaleka ditumellano(tendrers)], le matlotlo a sebele (jwaleka naha le matlo); tsena ke mehlala ya dihlomo tse ka sebediswang.

-      Ho kgothaletsa ho itshepa le ho iketsetsa jwaleka ditaba tsa bohlokwa. Mmuso ha o a tshwanela ho sitsa batho feela. Ka ho tshwana, o tshwanela ho thusa batho bakeng la ho iketsetsa. Mananeo a theilweng hodima kgopolo ena (jwaleka ho fufulelwa ka toka bakeng la matlo) a tshwanela ho phethahatswa.

-      Ho thea boemo bo loketseng ho intshetsa pele ha motho ka mong. Moruo o matlafalang o nang le batho ba phelang, ba nang le tsebo le dikgono, ba sireletsehileng le ba thabileng mme ba tsebang ho ikemela lefatsheng, ke motswella o hlokehang. Mmuso o tshwanela ho etsa ka matla ho thea boemo bona.

-      Ho tobana le dibaka tsa bohlokwa, haholo-holo dibakeng tsa mahaeng le mekhukhung mme ho sebetswe ka mokgwa o akaretsang hohle bakeng la ditlhokeho tsa bona malebana le thuto, bophelo, naha, mekgahlelo le ditshebeletso tsa mmasepala.

 

Ha o leka ho rarolla diphoso tsa nako e fetileng, mokga o busang ha o etse ho lekaneng mme ha o etse se tshwanelang ho etsuwa ka potlako. Empa o a leka. Empa IFP, e nang le balatedi ba hlokang ditokiso tsa nako e fetileng haholo, e dumela hore mmuso ke mohlanka wa batho, mme o tshwanela ho ba sebeletsa haholo ho feta seo mokga o busang o se etsang mehleng ena.

 

 

AFRIKA-BORWA LEFATSHENG

 

PHEPETSO

 

IFP e amohela hore Afrika-Borwa ke karolo ya bohlokwa ya kontinente ya Afrika, ebile e na le karolo matjhabeng a lefatshe lohle.

 

Empa ho na le diphepetso tse kgolo tse tobaneng le Afrika: ho heleha ha puso ya molao; ho hlokeha ha setso sa lentswe la bongata le mekgahlelo ya mmuso e fokolang; ho hlokeha ha setso sa tlhompho ya ditokelo tsa batho; dikgohlano tse sa feleng, dintwa le dipolao tsa batho ba bangata; sewa sa PHAMOKATE; tlala, mafu le tswelopele e nyane; borabe; le ho tshaba matswantle karolong ya baahi ba Afrika-Borwa.

 

Ka ho tshwana, ho na le diphepetso tsa lefatshe tseo re tshwanelang ho tobana le tsona: ho hlokeha ha boinehelo malebana le Afrika karolong ya dinaha tse atlehileng; mathata a moferefere, thekiso ya dithetefatsi le batho, le dintwa; ho okamelwa ka dikgoka ha mekgahlelo ya maqhama a dinaha ke dinaha tse matla haholo; kgethollo ya mmala e le thibelo ya kopanyo ya matjhaba a lefatshe; le ho tobana le kgopolo ya Dinaha tse Kopaneng tsa Afrika (United States of Africa).

 

 

THAROLLO

 

IFP ke mokga wa Afrika-Borwa bakeng la Afrika yohle. Ditumelo tsa rona di tlama IFP diketsong tsa yona  karolong ya maqhama a lefatshe ho:

 

Ø  Matlafatsa le ho tlisa lentswe la bongata mekgahlelong le makgotleng a dibaka tsa dinaha tse kopaneng le a kontinente jwaleka SADC le AU.

Ø  Thea mananeo le mekgahlelo ya ho kgothatsa dinaha tse leng ditho ho saena  le ho hlompha ditumellano tse kgothaletsang lentswe la bongata le puso e ntle – jwaleka dikgetho  kgafetsa, tse lokolohileng le tse nang le toka.

Ø  Kgothaletsa mebuso ho tsamaisa ka molaotheo le setso sa tlhompho ya ditokelo tsa batho dinaheng tsa Afrika.

Ø  Tswela pele le ho nka karolo ya bohlokwa tharollong ya dikgohlano le meifo ya ho tlisa kgotso bakeng la ho qeta dikgohlano le dintwa.

Ø  Ho bea PHAMOKATE lenaneong la dibaka tsa dinaha tse kopaneng le lenaneong la kontinente, le ho etsa boipiletso ba hore PHAMOKATE ke boemo bo hlokolotsi ba kontinente.

Ø  Thea maqhama le dinaha tse ding tsa Afrika bakeng la ho etsa phuputso ka PHAMOKATE, mafu le tshireletso ya dijo.

Ø  Ho tobana le ho tshaba matswantle Afrika-Borwa, ho sengwang  ke ntlha ya hore re na le meedi e dutlang e kenyang matswantle a mangata a kenang ntle ho molao ho tswa leboya la meedi ya rona.

Ø  Tshwarisana le dinaha tse ding tsa Afrika bakeng la ho bea tswelopele ya Afrika ka sehlohong makgotleng a mose.

Ø  Tlisa lentswe la bongata mekgahlelong ya maqhama a dinaha e tshwanang le Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ho ikgodisa hore ho na le tekano mahareng a dinaha tse leng ditho tsa ona.

Ø  Tshwarisana le dinaha tse ding ho lwantshwa kgethollo ya mmala.

 

Afrika-Borwa e hloka dikarabo bakeng la Afrika. Leha IFP e hlompha tokelo ya naha efe kapa efe ho tobana le ditaba tsa yona tsa ka hare, e dumela hore Afrika-Borwa e tshwanela ho etsa ka matla bakeng la baahi kontinenteng yohle ha dithahasello tsa bona di sa phethahatswe ke mebuso ya bona. Re tshwanela ho utlwahala ha re tobana le mebuso e sa hlompheng ditokelo tsa batho le puso ya molao. Ke mosebetsi wa rona ho sireletsa lentswe la bongata, e seng kokamelo ya dikgoka le boikakaso.

 

 

PHEPETSO YA BOITSHWARO BO BOTLE

 

PHEPETSO

 

Afrika-Borwa mehleng ena ke naha e fihlileng boemong bo hlokolotsi ba boitshwaro bo botle. Ha re tswela pele ka tsela ena le nnqa ena jwaleka ha re entse ha esale 1994, phello  ke hore naha ya rona e hlaloswe jwaleka e hlokang boitshwaro bo botle.

 

Kahohle re bona metswella ya boitshwaro bo bobe. Afrika-Borwa ha e tadingwe feela jwaleka ntlokgolo ya bonokwane lefatsheng lohle, seo e leng ntho e mpe ka bo yona, empa re ka sehlohong ho ba sitetsweng malebana le bonokwane bo tshabehang haholo jwaleka ho bolaya, ho beta, ho otla hampe le ho sotla bana, basadi le metsofe. Dinokwane di sireletswa ke metse. Meaho ya setjhaba jwaleka dikolo di a sengwa. Barutisi le baithuti ba iphapanya ha ho tshwanetse ba tobane le ho sebetsa ka thata ho rutisa le ho ithuta. Thobalano e ngata. Bobodu bo bongata mmusong le dikgwebong. Barwetsana ba banyane ba ntsha dimpa ntle le ho tseba ha batswadi ba bona hore ba ne ba emere. Bana ha ba hlomphe batswadi ba bona. Bokweta bo a hlomphuwa. Meharo le ho thusa metswalle ho hongata mme ho paka ka boitshwaro bo kgelohileng. Tlhompho ho baholo ba setjhaba e a hlokeha; jwalo-jwalo.

 

Ho fela ha boitshwaro bo botle ha ho a ka ha lokiswa ke mokga o busang, mme ka baka la bohlaswa ba ona, bobodu le ho nyatsa dikgopolo tsa boitshwaro bo botle tsa baahi  di kenya letsoho bothateng bona.

 

Tsela e fapaneng e nngwe feela, ke ho amohela hore re lahlehile malebana le boitshwaro bo botle, mme re tshwanela ho fetola nnqa. Ena ke phepetso ya boitshwaro bo botle e tobaneng le Afrika-Borwa.

 

THAROLLO

 

Leha ho roriseha hore mmuso o qale letsholo la tsoselletso ya boitshwaro bo botle, ba neng ba le etetse pele ba hlolehile ho phethahatsa dithahasello tsa naha – le bona ba hlolehile ho etsa seo ba se bolelang. IFP e etsa boipiletso ba diphetoho tsa nnete boitshwarong ba batho le boitshwarong ba baetapele, bakeng la ho etsa Afrika-Borwa naha e ntle.

 

IFP e dumela e tiile ditokelong tseo re di nehwang ke Molaotheo mme ha re bone sepheo sa ho kgothaletswa ha dikgopolo tsa   boikgohomoso bo theilweng hodima ditumelo tse sa kgeloheng : Afrika-Borwa ha e hloke dikgopolo tse fetelletseng ho nka sebaka sa tse ding. Tsena ke tse ding tsa dikgato tsa bohlokwa tse tshwanelang ho nkuwa:

 

Ø  Ho kgutliswa ha dithuto tsa botho/ubuntu dikolong. Thuto ka kahisano e theilweng hodima botho/ubuntu e bohlokwa phetohong ya kelello ya batjha nakong e telele.

Ø  Dikelello tsa bohlaswa tsa barutisi le baithuti malebana le thuto di tshwanela ho fetolwa. Barutisi ba tahwang kapa ba tswang sekolong e se nako ya ho tswa kapa ba robalanang le baithuti ba bona ba tshwanela ho nkelwa dikgato tse boima. Barutwana ba phailang mebileng ka nako ya sekolo ba tshwanela ho nkelwa dikgato tse boima. Batswadi ba tshwanela ho ba le boikarabello.

Ø  Bobodu bo tshwanela ho qetwa. Mokga o busang o dumella bobodu ba ditho tsa ona, le thuso ya metswalle ya bona mmusong e tshwanela ho hanyetswa ke bohle. Mehlala efe kapa efe ya bobodu dithong tsa Sepolesa, ho akaretsa le baetapele ba ka sehlohong bo tshwanela ho nkelwa dikgato tse boima.

Ø  Phumulang molao wa ho tshela meedi ya mekga ya dipolitiki e bodisang lentswe la bongata.

Ø  Boinehelo ba e mong le e mong bakeng la ho lwantsha bonokwane bo tshwanela ho eketswa. Mapolesa a tshwanela ho dumellwa ho sebedisa matla a lekaneng ha ho hlokeha.

Ø  Ditokelo tsa mahlatsipa ha di a tshwanela ho hlahlama tsa dinokwane jwaleka ha ho etsahala mehleng ena. Metse e tshwanela ho araba phepetsong ya ho tshwarisa ba belaelwang.

Ø  Ho kgothaletsa lelapa le ditumelo tse matlafatsang lelapa.

Ø  Ho tadima hape tsoselletso ya ho sasara bana ho theilweng taolong ya molao dikolong le jwaleka sehlomo sa ho ahlola.

Ø  Ho dumella meetlo e tlisang metswella ya boitshwaro bo botle(jwaleka diteko tsa barwetsana ka boitshwaro ba bona) .

Ø  Boitshwaro bo botle bo tshwanela ho kgothaletswa mme bo putswe. Ho sebedisa ditjhelete tsa mmuso ho putsa boitshwaro bo botle(jwaleka katleho dithutong tsa moithuti sekolong).

 

Pono ya IFP ka boitshwaro bo botle ba setjhaba e fapane le tse ngata tse etsahalang mehleng ena Afrika-Borwa. Mokga o busang o se o iponahaditse hore o hlolehile ho qeta bobodu bona. Empa IFP yona, ka boinehelo ba yona ho botho/ubuntu, tekantsho mahareng a dikgopolo tsa tokoloho, setso le ditumelo tsa bosetjhaba le maikemisetso a yona a ho fetola Afrika-Borwa bakeng la ho ba naha e ntle, e tseba ho supa tsela le ho etela pele letsholo lena.