|
||||||||||
| [Molaetsa o
tswang ho Mopresidente] [Mesebetsi] [Botlokotsebe]
[Mmuso o Phethahatsang] [Thuto] [Botho] [Tsela e Yang Pele] |
||||||||||
|
||||||||||
![]() |
Molaetsa o tswang ho
Mangosuthu Buthelezi, Mopresidente wa IFP Molaetsa o tswang ho Mangosuthu Buthelezi, Mopresidente wa IFP Re phela naheng e ntle haholo. Ha e ntle feela empa e a kgahlisa ebile e na le tswelo-pele, empa ke naha moo teng re tshwanetseng ho tshwarana ho lepalepana le diphepetso tse ngata tse re tobileng ha re ntse re aha naha e betere, re ikahela rona, re ahela bana ba rona mmoho le ditloholwana tsa rona. Empa Afrika Borwa e hole le ho ba boemong bo phethehileng. E tlokotsing, ka baka la kgaello ya mesebetsi. Botlokotsebe. Malwetse. Bonyofonyofo. Ho putlama ha phedisano e ntle ya batho. Ho hloka boitshwaro bo botle. Ho se hlomphe batho ba bang. Botswa. Bonnete ke hore Afrika Borwa ha e a buswa ka nepo, ebile e ntse e eya, kapa re ka re, e se ntse e tswile taolong. |
|||||||||
| Re tshwanetse ho tshwenyeha hore jareng tse hlano tse sa tswa
feta kamora dikgetho tse ileng tsa etsa histori tsa 1994, batho ba naha ya rona ba se ntse
ba belaela bokgoni ba demokrasi ya rona e ntjha ho phethahatseng ntlheng tse ngata tsa
bohlokwa. Mesebetsi e ntse e nyaolwa ka bongata ebile maemo ana a ditaba a ntse a tswela
pele. Jwale ka ha botlokotsebe bo se bo jele setsi, Afrika Borwa e se e tumme ka ho ba
motse-moholo wa botlokotsebe lefatsheng ka bophara. Hodima moo, ho hlobaetsang le ho
fetisa ke hore motho a keke a kgona ho rarolla qaka ena ya botlokotsebe ntle le ho rarolla
pharela ya kgaello ya mesebetsi. Bonyofonyofo karolong tlohle tsa setjhaba ke bobe bo
nyonyehang ebile bo ntse bo hola ka sekgahla se seholo. Ka tsela tse ngata, bophelo bo
ntse bo ya bo eba makgerehlwa hape bo ba boima ho maAfrika Borwa ohle. Hona ho tshwanetse ho se amohelehe ho lona jwale ka ha ho sa amohelehe ho nna le mokga oo ke o etellang pele. Le ha re dumela hore qaka tse ngata tse teng ha jwale di hlaha, ebile re ka nyatsa ka tshwanelo nako e fetileng, empa nako e a fihla moo teng re tshwanetseng ho tlohela ho balehela nnete ya ho hloleha ha rona ho phethahatsa ka ho bona phoso mathata a nako e fetileng. Nako e a fihla moo teng re tshwanetseng ho ahlola mmuso ka katleho le ho hloleha ha ona, ka nako eo o busitseng ka yona. Nako ya ho ahlola ke yona ya jwale. |
||||||||||
|
||||||||||
[Top] [Mesebetsi] [Botlokotsebe] [Mmuso o Phethahatsang] [Thuto] [Botho] [Tsela e Yang Pele]
|
||||||||||
| MESEBETSI | ||||||||||
| Ha dimilione tsa baahi ba naha ba sa fumane mesebetsi hobane
ho se na mesebetsi, naha ha e a buswa ka nepo. Ha se feela ba hlokang mesebetsi ba
tlamehileng ho tobana le qaka ena - e ama botsitso ba naha yohle le boleng ba mmuso. |
||||||||||
|
||||||||||
|
||||||||||
| [Top] [Molaetsa o tswang ho Mopresidente] [Botlokotsebe] [Mmuso o Phethahatsang] [Thuto] [Botho] [Tsela e Yang Pele]
|
||||||||||
| BOTLOKOTSEBE |
||||||||||
Boikarabelo ba pele ba mmuso ke ho sireletsa badudi ba naha -
empa ha badudi ba naha ba 25,000 ba bolawa selemo le selemo mme babolai ba sa tshwarwe, ba
bile ba sa tjhotjhiswe, naha ha e buswe ka tshwanelo. Ha makgolokgolo a basadi le banana
ba betwa ba bile ba sa itshwenye ka ho beha ka dipeto tsa bona hobane ba tseba hore ho
keke ha thusa ka letho, mmuso o sitelwa batho.
|
||||||||||
[Top] [Molaetsa o tswang ho Mopresidente] [Mesebetsi] [Mmuso o Phethahatsang] [Thuto] [Botho] [Tsela e Yang Pele]
|
||||||||||
| MMUSO O PHETHAHATSANG | ||||||||||
| Ha mmuso o sa buse ka nepo, ho bontsha setshwantsho se sebe
ebile ho sitisa phethahatso e tshwanelehileng. Ke nnete hore lemong tse hlano tse fetileng
mmuso o fetotswe, empa hona ha ho a etsahala ntle le mathata. Puso e molemo ke puso e
hlwekileng, puso e kgabane ke puso e phethahatsang. |
||||||||||
|
||||||||||
[Top] [Molaetsa o tswang ho Mopresidente] [Mesebetsi] [Botlokotsebe] [Thuto] [Botho] [Tsela e Yang Pele]
|
||||||||||
| THUTO | ||||||||||
Thuto e maqakabetsing, empa ho lahlela
tjhelete ho yona ha se tsela e nepahetseng ya tharollo. Nnete ke hore, jwaloka ha diphetho
di bontshitse, ntlha e bohlokwa ya ho tsweletsa diphetho tse ntle ke boitshwaro ba
barutisi le baithuti e seng ditekanyetso tsa mehlodi.
|
||||||||||
|
||||||||||
| [Top] [Molaetsa o tswang ho Mopresidente] [Mesebetsi] [Botlokotsebe] [Mmuso o Phethahatsang] [Botho] [Tsela e Yang Pele]
|
||||||||||
|
|
||||||||||
Ka tsela tse ngata, Afrika Borwa e motheong o thellang wa boitshwaro. Re ntse re ya re bonahala jwalo ka naha e senang boleng, e hlokang taolo, e tletseng bonyofonyofo makaleng a semmuso le a poraefete, e nang le moetlo wa ho tsekella dintho ntle le ho di sebeletsa, bokgotsi le ho sitsa ba meloko phumantshong ya mesebetsi, tsohle tsena di bontsha bokamoso bo lerotho. |
||||||||||
|
||||||||||
|
||||||||||
| [Top] [Molaetsa o tswang ho Mopresidente] [Mesebetsi] [Botlokotsebe] [Mmuso o Phethahatsang] [Thuto] [Tsela e Yang Pele]
|
||||||||||
| TSELA E YANG PELE | ||||||||||
Hoo pejana e neng e le paradeisi ho lequlwana jwale e tlamehile ho ba paradeisi ho bohle ba ikemiseditseng ho ba le seabo kahong ya naha. Re batla setjhaba se atlehileng se nang le botsitso moo dihlekehlekana tsa kgatelo-pele, katleho le tswelopele di a namang ho kwahela lewatle la motheo la ditlhoko tse sa phethahatswang le ditakatso tse sa ntseng di tuba batho ba bangata ba rona. Empa hona ho keke ha phethahala ntle le morero wa tshebetso, morero o tla tshwanelang ho bontsha melao e tiileng le diqeto tse sa rateheng ha e beng o tla atleha ho rarolleng mathata ao re tobaneng le ona. Mmuso o latelang wa Afrika Borwa o tlamehile ho qeta nako e nyenyane ho melao ya kelello e hole diketsahalo tsa kamehla mme o ntano qeta nako ya ona haholo ho kena tshebetsong le ho phethahatsa. Ha re ka kgethwa ho ba mokga o bongateng Palamenteng, re tla shebana le ntlha tse tharo tse bohlokwa e leng - phethahatso, mmuso o etsang mosebetsi ka nepo, ikonomi e hlabolohileng le botsitso boemong ba metse. Tsena ke dintlha tse bohlokwa tsa morero wa tshebetso. Ha re ka shebana le ntlha tsena re tla ala motheo wa Afrika Borwa e kgabane mogwaha-kgolong o motjha. Empa ke boetapele bo matla, bo ikemiseditseng bo ka kenyang tshebetsong morero ona,
ebile ke IFP feela tlasa botsamaisi ba mopredidente wa yona, e matla ho lekana e bileng e
ikemiseditse hantle ho etsa ho tshwanetseng ho etswa. |
||||||||||
|
||||||||||
[Top] [Molaetsa o tswang ho Mopresidente] [Mesebetsi] [Botlokotsebe] [Mmuso o Phethahatsang] [Thuto] [Botho] [Tsela e Yang Pele] |
||||||||||
Designed and maintained by Byte Internet Services - Copyright © 1999